Tshenolo 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; ha ba sa tla hlola ba batwa ke letsatsi, leha e le ke lebatama le leng; BIBELE Ha ba ka ke ba hlola ba lapa kapa ba nyorwa; ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi, kapa lebatama lefe kapa lefe, Baasraak Sotho NT Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; le letsatsi le ke ke la ba chaba, leha e le mocheso ofe kapa ofe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; le letsatsi le ke ke la ba chaba, leha e le mocheso ofe kapa ofe. |
Ke otlollela matsoho a ka ho wena, moya wa ka o nyoretswe wena, jwaloka hoja ke mobu o omileng. (Sela.)
Moya wa ka o nyoretswe Modimo, Modimo o utlwang. Ke tla ya neneng, ke be ke itlhahise pela Modimo?
Le se ke la ntadima ha ke le motshwana, hobane ke tjhele ke letsatsi; bara ba mmè, ha ba nkgalefetse, ba mpeile ho disa merara, mme merara e leng ya me ka sebele ha ke a e disa.
Hobane o bile setshabelo sa ya fokotseng, le qhobosheane ya ya madimabe matswalong a hae, le tshirelo mohla sefefo, le leswiti ha ho tjhesa letsatsi; hobane moya wa bahlorisi o ne o tle jwaloka sefefo se thulanang le lerako.
E mong le e mong wa bona o tla ba jwaloka tshireletso ha moya o foka, jwaloka lehaha ha sefefo se etla, jwaloka molatswana wa metsi naheng e omileng, le jwaloka moriti wa lefika le phahameng naheng e nyorilweng.
Mafutsana le basenyehi ba batla metsi, mme a hlokahala; maleme a bona a omeletse ke lenyora. Nna, Jehova, ke tla ba utlwa; nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba tlohela.
Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.
Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.
Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.
a mpa a se na motso ka ho yena, empa e le wa motsotso o se okae feela; ereha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, a phakise a kgoptjwe.
ba mpa ba se na motso ka ho bona, e le ba motsotso o se okae feela; mme ha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, ba phakise ba kgoptjwe.
Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.
Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.
Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae.
Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.