Ha a rapela Modimo, o tla mo etsetsa mohau, mme o tla bona sefahleho sa wona ka thabo, a buseletswe ho loka ha hae.
Tshenolo 22:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba tla bona sefahleho sa wona, mme lebitso la wona le tla ngolwa diphatleng tsa bona. BIBELE Ba tla bona sefahleho sa hae, mme lebitso la hae le tla be le le diphatleng tsa bona. Baasraak Sotho NT Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona. |
Ha a rapela Modimo, o tla mo etsetsa mohau, mme o tla bona sefahleho sa wona ka thabo, a buseletswe ho loka ha hae.
Haele nna, ho lokeng ha ka ke boha sefahleho sa hao, mme ha ke phaphama, ke tla kgora sefahleho sa hao.
Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!
Moya wa ka o nyoretswe Modimo, Modimo o utlwang. Ke tla ya neneng, ke be ke itlhahise pela Modimo?
A tla mela dipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole difela tsa hlolo; a tla fuwa kganya ya Lebanone le menono ya Karmele le ya Sharone; batho ba tla bona kganya ya Jehova le boholo ba Modimo wa rona.
Mme kganya ya Jehova e tla bonahala, nama yohle e tla e bona hammoho, hobane molomo wa Jehova o boletse.
Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.
Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.
Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.
Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.
Jwale, ka tadima, mme ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona, ba le dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene.
Ya hlolang, ke tla mo etsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa teng; mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.
la re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re eso ho tshwaye bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.