Tshenolo 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile. BIBELE O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.” Baasraak Sotho NT Mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko: hobane tsa pele di fetile. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko: hobane tsa pele di fetile. |
O tla fedisa lefu ka ho sa yeng kae; Morena Jehova o tla fedisa meokgo difahlehong tsohle, a fedise sekgobo sa setjhaba sa hae lefatsheng lohle, hobane Jehova o boletse.
Hobane setjhaba se tla nne se ahe Sione le Jerusalema; ha o sa na ho lla; ha a ka utlwa hobane o howeletsa ho yena, o tla o hauhela; a re a sa utlwa pitso ya hao a o arabe.
Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla, ba boele Sione ka difela tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo di tla tla ho ba kgahlanyetsa, bohloko le masisapelo di balehe.
Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.
Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le dikela, le kgwedi ya hao ha e sa tla hlola e fifala, hobane Jehova e tla ba lesedi la kamehla ho wena, mme matsatsi a hao a ho lla etlaba a fetile.
ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.
Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.
Ke moo barwetsana ba tla nyakalla mehobelong le bahlankana le maqheku hammoho, mme ke tla fetola maswabi a bona thabo, ke ba tshedise, ke ba thabise bakeng sa bohloko ba bona.
Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung? Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.
le ba itshebeletsang ka tsa lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa sebetse ka tsona; hobane mokgwa wa lefatshe lena o a fela.
Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.
Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,
Mme ha a re: Hang hape, ke ho lekanya hoba o tla fedisa dintho tse sisinngwang, etswe e le tse bopilweng, hore tse sa sisinyeheng di tiye kamehla.
Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.
Mme lefatshe le a feta, le yona takatso ya lona; empa ya etsang thato ya Modimo, o hlola ka ho sa feleng.
Lewatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntsha bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahlolwa ka mesebetsi ya hae.
Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha; hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile, le lona lewatle le ne le se le le siyo.
Anathema ha e sa tla hlola e eba teng; se leng hona teng ke terone ya Modimo le ya Konyana, mme bahlanka ba wona ba tla o sebeletsa;
hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.