La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Tshenolo 12:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

empa ha ba ka ba hlola, mme ha ba ka ba hlola ba ena le ditulo lehodimong.

Ver Capítulo

BIBELE

empa ya hlolwa, mme ya tebelwa lehodimong le mangeloi a yona.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Mme ba se ke ba hlola; le gone ba se ka ba tlhola ba bonwa bonno jwa bone kwa legodimong.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mme ba se ke ba hlola; le gone ba se ka ba tlhola ba bonwa bonno jwa bone kwa legodimong.

Ver Capítulo



Tshenolo 12:8
18 Referencias Cruzadas  

Le mahlo a kileng a mmona, ha a sa tla hlola a mmona; ditulo tsa hae ha di sa tla boela di mmone.


ha a sa na ho boela ka tlung ya hae, mme setsha sa hae ha se sa mo tseba.


empa ha se ka ntshwa bodulong ba sona, bo tla se latola, bo re: Ha ke a ka ka o bona le ka mohla o le mong!


— Israele a ke a rialo! — esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo; empa ha ba ka ba ntlhola.


mme sera sa ka se se ke sa re: Ke mo hlotse! le hore ho thekesela ha ka ho se ke ha thabisa ba ntubang!


Ho se ho se hokae, mme molotsana o tla ba siyo; o tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le siyo;


Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.


hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.


Hape, o bolokile ditlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ya letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba wona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa wona.


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.


Jwale ntwa ya eba teng lehodimong, Mikaele le mangeloi a hae a lwantsha drakone. Drakone ya lwana, e ena le mangeloi a yona;


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.