A eso ho utlwe bohloko, o setse a belehile; a eso ho be matswalo, o setse a hlahisitse mora.
Tshenolo 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) A beleha mora, ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe; mme ngwana hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona. BIBELE A beleha mora, ngwana e motona, ya tlang ho busa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe. Yaba ngwana eo wa hae o nkelwa ho Modimo, teroneng ya hae. Baasraak Sotho NT A tswala ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe, mme ngwana wa hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A tswala ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe, mme ngwana wa hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona. |
A eso ho utlwe bohloko, o setse a belehile; a eso ho be matswalo, o setse a hlahisitse mora.
Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).
O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.
Ka baka leo, o tla ba neela dira, ho tle ho be ho fihle nako eo mobelehi a tla beleha ka yona; mme banababo ba setseng ba tla be ba kgutle hammoho le bara ba Iseraele.
mme ha a ka a mo tseba, a eso ho belehe mora hae wa letsibolo; mme a mo rea lebitso la Jesu.
Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.
Ke tseba motho ya leng ho Kreste, ya kileng a nkelwa lehodimong la boraro, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene — kapa e bileng ka mmele, ha ke tsebe; kapa e bileng ka ho siya mmele, le teng ha ke tsebe, ho tseba Modimo —
o kile a nkelwa Paradeiseng, mme a utlwa ditaba tse se nang ho bolelwa, tseo motho a ke keng a dumellwa ho di hlahisa.
Mme ba utlwa lentswe le matla le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Ba fela ba nyolohela lehodimong ka leru, ba ntse ba bonwa ke dira tsa bona.
Drakone, eitse ha e bona hobane e dihetswe lefatsheng, ya ya ho hlorisa mosadi ya neng a belehile ngwana e motona.
Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.