Empa mohla ho fihlang manqosa a romilweng ke marena a Babilona ho tla mmotsa mohlolo o etsahetseng lefatsheng la Iseraele, Modimo wa mo furalla, hore o mo leke, hore o tsebe tsohle tse ka pelong ya hae.
Tshenolo 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba mohlolo o moholo wa hlaha lehodimong, e le wa mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le tlasa maoto a hae, a rwetse hloohong mofapahlooho wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi. BIBELE Jwale lehodimong ha hlaha pontsho e kgolo: Mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, a bile a ena le mofapahlooho wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi hloohong. Baasraak Sotho NT Mme ha hlaha mohlolo o moholo lehodimong; mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, mme hloohong ya hae a rwetse moqhaka wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ha hlaha mohlolo o moholo lehodimong; mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, mme hloohong ya hae a rwetse moqhaka wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi. |
Empa mohla ho fihlang manqosa a romilweng ke marena a Babilona ho tla mmotsa mohlolo o etsahetseng lefatsheng la Iseraele, Modimo wa mo furalla, hore o mo leke, hore o tsebe tsohle tse ka pelong ya hae.
Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.
Elwa ke mang ya hlahang jwaloka mafube, e motle jwaloka kgwedi, ya hlwekileng jwaloka letsatsi, ya tshabehang jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona?
Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.
O tla ba moqhaka o kganyang letsohong la Jehova, le lebenyane la borena letsohong la Modimo wa hao.
Jehova, Modimo wa bona, o tla ba pholosa ka tsatsi leo, jwaloka mohlape oo e leng setjhaba sa hae; hobane ba tla ba jwaloka mahakwe a phatsimang a moqhaka lefatsheng la hae.
Empa haele lona ba tshabang lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseding a lona; le tla tswa, le be le thale jwaloka manamane a nontshitsweng.
Lekgatheng leo, bangodi le bafarisi ba bang ba re ho Jesu: Moruti, re rata re ka o bona o etsa mohlolo.
Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.
Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong.
Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.
Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.
Ke tla etsa mehlolo hodimo lehodimong, le meeka tlase lefatsheng, madi, le mollo, le mouwane wa mosi.
Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.
e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;
Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.
Haele nna, ho ithorisa ho be hole le nna, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka yena lefatshe le thakisitsweng ka nqeng ya ka, le nna ke thakigisitsweng ka nqeng ya lefatshe.
sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.
Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.
Mohlolo o mong hape wa hlaha lehodimong, e le wa drakone e kgolo, e kgubedu, e nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le meqhaka e supileng dihloohong tsa yona.
Yaba ke bona lehodimong mohlolo o mong, o moholo, o makatsang, e leng mangeloi a supileng a tshwereng dikotsi tse supileng tsa qetello; hobane bohale ba Modimo bo ya phetheha ka tsona.
Lerako la motse le na le metheo e leshome le metso e mmedi eo ho ngodilweng ho yona mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.
Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.