Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.
Tshenolo 11:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Di na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na ka matsatsi ao di porofetang ka wona; hape, di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka dikotsi tsohle, nakong tsohle tseo di ka ratang ho etsa jwalo. BIBELE Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata. Baasraak Sotho NT Ba na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na mehleng ya ho porofeta ha bona, mme ba na le matla hodima metsi ho a fetola madi, le ho otla lefatshe ka dikotlo tsohle, hangata kamoo ba ratang kateng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na mehleng ya ho porofeta ha bona, mme ba na le matla hodima metsi ho a fetola madi, le ho otla lefatshe ka dikotlo tsohle, hangata kamoo ba ratang kateng. |
Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.
Kannete ke re ho lona: Basadi ba bahlolohadi ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng, mehleng ya Elia, mohla lehodimo le kwalwang ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, mme tlala e kgolo ya eba teng lefatsheng lohle;
Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.
Lengeloi la bobedi la tshollela nkgo ya lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang madi a motho ya shweleng, mme tse phelang lewatleng kaofela tsa eshwa.
Lengeloi la boraro la tshollela nkgo ya lona dinokeng le didibeng tsa metsi, mme tsa fetoha madi.
Lengeloi la bobedi la letsa terompeta ya lona, mme ntho e kang thaba e kgolo, e tukang ke mollo, ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya metsi a lewatle ya fetoha madi;
Ho madimabe rona! Ke mang ya tla re namolela matsohong a medimo eo e matla? Ke yona medimo e otlileng Baegepeta ka dikotlo tsohle nahathothe.