Melao ya melomo ya wona ha ke a ka ka e fapoha; ke bolokile ditaba tsa molomo wa wona sefubeng sa ka.
Tshenolo 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ya ho lengeloi leo, ka le bolella hore le mphe bukana. La re ho nna: Nka, mme o e metse; e tla baba maleng a hao, empa molomong wa hao e tla ba monate jwaloka dinotshi. BIBELE Ka ya ho lengeloi, ka le kopa hore le nnee bukana. La re ho nna: “E nke, o e je. E tla o babela ka maleng, empa ka hanong e tla ba monate jwaloka mahe a dinotshi.” Baasraak Sotho NT Ka ya ho lengeloi, ka re ho lona: Mphe bukana. A re ho nna: E nke, o e je; mme e tla etsa hore mpa ya hao e baba, empa molomong wa hao e tla ba monate jwaloka dinotshi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka ya ho lengeloi, ka re ho lona: Mphe bukana. A re ho nna: E nke, o e je; mme e tla etsa hore mpa ya hao e baba, empa molomong wa hao e tla ba monate jwaloka dinotshi. |
Melao ya melomo ya wona ha ke a ka ka e fapoha; ke bolokile ditaba tsa molomo wa wona sefubeng sa ka.
Mantswe a hao ha a mphihlela, ke itjeletse wona; mantswe a hao ho nna e bile thabo le nyakallo pelong ya ka, hobane ho rapetswe lebitso la hao hodima ka, Jehova, Modimo wa makhotla.
Haele wena, mora motho, mamela seo ke o bolellang sona! O se ke wa hana, jwalokaha ho hana ntlo eo. Ahlamisa molomo, o je seo ke o neang sona.
Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.
Ka nka bukana letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme ya eba monate molomong wa ka jwaloka dinotshi; empa, ha ke se ke e metsitse, mpa ya ka ya baba.