Tshenolo 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka nka bukana letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme ya eba monate molomong wa ka jwaloka dinotshi; empa, ha ke se ke e metsitse, mpa ya ka ya baba. BIBELE Ka nka bukana eo e letsohong la lengeloi, ka e ja. Ka hanong e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi, empa yare hoba ke e kwenye, ya mpabela ka maleng. Baasraak Sotho NT Ka nka buka e nyenyane letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi hanong la ka: mme hang ha ke e ja, mpa ya ka ya baba. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka nka buka e nyenyane letsohong la lengeloi, mme ka e metsa; mme e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi hanong la ka: mme hang ha ke e ja, mpa ya ka ya baba. |
di fetisa kgauta ka theko, le kgauta e ngata e tshekehileng, di fetisa le dinotshi ka monate, le tse rothang kgekgeng ya tsona.
Puo tse ntle ke lekgeha la dinotshi, di monate moyeng wa motho, di matlafatsa masapo a hae.
La e phutholla pela ka, e ngodilwe kahare le kantle, e ngodilwe dipobodi, le kodiyamalla, le difehelo.
Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.
Yaba o re ho nna: Mora motho, fepa mpa ya hao, o tlatse mala a hao ka buka eo e phuthilweng, eo ke o neang yona. Yaba ke a e ja, mme molomong wa ka ya hlabosa jwaloka dinotshi.
La re ho nna: E ka kgona o boele o porofete hodima ditjhaba, le mefuta, le dipuo, le marena a mangata.
Ka ya ho lengeloi leo, ka le bolella hore le mphe bukana. La re ho nna: Nka, mme o e metse; e tla baba maleng a hao, empa molomong wa hao e tla ba monate jwaloka dinotshi.