Haele senyepa sa ho e tlama, se hodima efoda, se ne se etswa ho yona, e le mosebetsi o le mong le yona, e le sa kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
Tshenolo 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) mme hara dikandelare ka bona e mong ya kang mora motho, ya apereng kobo e hohobang maotong, ya itlamileng sefubeng ka senyepa sa kgauta. BIBELE Hara didulwana tsena ka bona e mong ya kang Mora Motho, ya apereng seaparo se phuphuthang, a itlamme sefubeng ka leqhama la kgauta. Baasraak Sotho NT Hara dikandelara tse supileng e mong ya kang Mora Motho, ya apereng kobo e fihlang maotong, a itlamile sefubeng ka senyepa sa kgauta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hara dikandelara tse supileng e mong ya kang Mora Motho, ya apereng kobo e fihlang maotong, a itlamile sefubeng ka senyepa sa kgauta. |
Haele senyepa sa ho e tlama, se hodima efoda, se ne se etswa ho yona, e le mosebetsi o le mong le yona, e le sa kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla.
Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;
Ka tadima ho fihlela diterone di ba di bewa, mme Moholo wa matsatsi a dula; seaparo sa hae se ne se le sesweu jwaloka lehlwa, moriri wa hlooho ya hae o ne o le mosweu jwaloka boya ba nku bo hlatswehileng; terone ya hae e ne e tswa malakabe a mollo, le mabidi a yona a ne a le jwaloka mollo o tukang.
a mo tlama ka senyepa, a mo apesa kobo, a mo apesa le efoda, eo a e tlamileng ka senyepa se homilweng se efoda eo a mo apesitseng yona.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.
Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme e mong ya kang mora motho a dutse hodima leru, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme a nkile sekele e bohale letsohong la hae.
Mangeloi a supileng, a tshwereng dikotsi tse supileng, a tswa tempeleng a apere masela a lene e ntle, e kganyang, mme a itlamile difubeng ka dinyepa tsa kgauta.
Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re: