Tite 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bolela taba tseo, mme o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle; ho se ke ha eba motho ya o nyedisang. BIBELE Bolela tsena, o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle. Ho se be ya o nyedisang. Baasraak Sotho NT Bolela tsena, o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle. Ho se be motho ya o nyedisang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bolela tsena, o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle. Ho se be motho ya o nyedisang. |
Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.
Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.
Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?
A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.
O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.
Bopaki boo ke ba nnete; ka baka leo, o ba kgalemele ka thata, tumelo ya bona e tle e hloke sekodi;
E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.