Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,
Tite 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) mme ba se ke ba ineela ditshomo tsa Bajuda, le ditaelo tsa batho ba furallang nnete. BIBELE mme ba se ke ba natsa ditshomo tsa Bajuda le ditaelo tsa batho ba furallang nnete. Baasraak Sotho NT ba se ke ba ela ditshomo tsa Bajuda, le ditaelo tsa batho ba kgelohang nnete. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ba se ke ba ela ditshomo tsa Bajuda, le ditaelo tsa batho ba kgelohang nnete. |
Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,
empa jwale, ha le tsebile Modimo, mme haholo ha le tsebilwe ke Modimo, ana le kgutlela jwang ditabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng, tseo le ratang le ka boela la tlangwa ke tsona?
Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?
Empa ba hlahetswe ke taba ya setshwantsho sa nnete se reng: Ntja e kgutletse mahlatseng a yona, mme kolobe, hobane e hlatsuwe, e boetse e ipitikile seretseng.