Sofonia 3:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tsatsing leo, ho tla thwe ho Jerusalema: Sione, o se ke wa tshaba! Matsoho a hao a se ke a tepella! BIBELE Mohla tsatsi leo ba tla re ho Jerusalema: “Wena Sione, o se ke be wa tshaba, matsoho a hao a fele a tiye! |
Ka letsatsi leo, ho tla thwe: Bonang ke wona Modimo wa rona, oo re o tshepileng hoba o tla re boloka; ke yena Jehova eo re mo tshepileng; a re nyakalleng, re thabele topollo ya hae.
Nyolohela thabeng e phahamileng, wena ya bolellang Sione taba tse molemo; o phahamise lentswe la hao ka matla, wena ya bolellang Jerusalema taba tse molemo; o le phahamise, o se ke wa tshaba, o bolelle metse ya Juda, o re: Modimo wa lona ke ona!
o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!
Ho itswe ke Jehova, moetsi le mmopi wa hao esale popelong ya mmao, eo e leng thuso ya hao: O se ke wa tshaba, Jakobo, mohlanka wa ka, wena Jeshurune (Iseraele), eo ke o kgethileng!
O se ke wa tshaba, hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong; o se ke wa swaba, hobane o ke ke wa tsielwa ke letho, empa o tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, o ke ke wa hlola o hopola maswabi a bohlolohadi ba hao.
Jwalokaha le kile la ba thohako hara ditjhaba, lona ntlo ya Juda, le lona ntlo ya Iseraele, ke tla le pholosa jwalo, mme le tla ba hlohonolofalo. Se tshoheng, matsoho a lona a ke a tiye!
ke boetse ke hopotse matsatsing ana ho etsa Jerusalema le ntlo ya Juda hantle. Se tshoheng!
Ka hosasane, bongata bo boholo bo tlileng moketeng, yare ha bo utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,
Ka baka leo, ha re ntse re ena le tshebeletso eo ka mohau o re hlahetseng, ha re tepelle.
Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.
Ke moo ke le rapelang hore le se ke la fediswa pelo ke dihloriso tse ntlhahelang ka baka la lona; tsona ke thoriso ya lona.
hape, o na le sebete; o mameletse bothata ka baka la lebitso la ka, mme ha o a ka wa kgathala.