Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.
Sofonia 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho. BIBELE Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona, esita le yona kgauta, tsena ha di ka ke tsa tseba ho ba pholosa. Kgalefo ya Morena e tukang malakabe, e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle. Baahi bohle ba lefatshe o tla ba timetsa, a ba timetse hang, ka ho panya ha ntshi.” |
Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.
Le bona Bajuda ba etsa hampe pela Jehova, ba mmouledisa ka dibe tseo ba mo sitelwang ka tsona, ho feta le seo bontata bona ba neng ba se entse.
ha ba re: Molotsana o sirelwa ka letsatsi la tshenyeho; ka letsatsi la phetetso o tloswa pela yona?
ba baka bohale ba wona ka dinqalo tsa bona tse diphahameng, le poulelo ya wona ka ditshwantsho tsa medimo ya bona.
Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na?
Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, Ya matla wa Iseraele, o re: Aha! ke tla itshedisa kotsing ya ba ntwantshang, ke itefetse ho dira tsa ka;
Lesedi la Iseraele le tla fetoha mollo, Mohalaledi wa hae e be kgabo e tla tjhesa le ho fedisa meutlwa le dibajwa tsa hae, di tjhe ka tsatsi le le leng feela.
Na le tla etsa jwang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se etswa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, le bee letlotlo la lona kae?
Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.
Mme metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke tla kgutsisa lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane lefatshe le tla be le entswe lesupi.
Ke tla etsa Jerusalema diqubu tsa majwe, letsaba la diphokojwe, le metse ya Juda ke e etse lesupi le hlokang moahi.
Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba febileng, le ya ba tsholotseng madi, ke o etse ya tletseng madi a kgalefo le a lefufa.
ke tla o lwantsha ka poulelo ya ka, hore ba tle ba o etsetse ka bohale; ba tla o kgaola nko le ditsebe, masala a hao a timetswe ke lerumo; ba tla nka bara le baradi ba hao, masala a hao a timetswe ke mollo.
Bothata bo fetohile thupa e mpe ya ho otla. Ha ho a sala letho leha le le leng la bona, kapa la letshwele la bona, kapa la menono ya bona; ha ho sa le bokgabane ho bona.
Ba lahlela silefera ya bona diterateng, mme kgauta ya bona e tla ba ditshila feela; silefera le kgauta tsa bona ha di na matla a ho ba pholosa tsatsing la kgalefo ya Jehova; ba ke ke ba kgorisa meya ya bona, leha e le ho tlatsa mala a bona, hobane ke tsona tseo e leng kgopiso ya bona bokgopong ba bona.
Bokollang, lona baahi ba Maktheshe, hobane setjhaba sohle sa bahwebi se fedile, bohle ba ipelesitseng ka silifera ba timeditswe.
Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la matswalo, ke tsatsi la tshenyo le la tshenyeho, ke tsatsi la lefifi le la botsho, ke tsatsi la maru le la lefifi le letsho!
ha ho eso ho tle letsatsi le jwaloka mooko o fefolwang, ha ho eso ho tle hodima lona ho tuka ha bohale ba Jehova, ha le eso ho tle ho lona, tsatsi la bohale ba Jehova!
Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha ditjhaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tshollele hodima yona kgalefo ya ka, ho tuka hohleha bohale ba ka; hobane ka mollo wa poulelo ya ka lefatshe lohle le tla tjheswa.
Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?