Sakaria 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, Morena o tla mo hapa, a dihele matla a hae lewatleng, mme o tla tjheswa ke mollo. BIBELE Empa Morena o tla hapa maruo a yona, dikepe tsa yona a di pshatlele lewatleng, ebe motse wona o o tjhesa ka mollo. |
O otlolletse letsoho la hae hodima lewatle, o sisintse mebuso; Jehova o laetse bakeng sa Kanana, hore ho heletswe diqhobosheane tsa teng.
Ba tla o binela kodiyamalla, ba re ho wena: O timetse jwang, wena ya neng a hahilwe hara mawatle, wena motse o tumileng, o neng o le matla lewatleng, wena le bohle ba ahileng ha hao, ba neng ba tshajwa ke bohle ba ahileng pela lewatle?
Ka boholo ba kgwebo ya hao o tlatsitse bothata ha hao, mme o entse sebe; ka ba ka o leleka thabeng ya Modimo, ka ho re, o mohlompholli; ke o timeditse, wena kerubime ya mosireletsi, o le majweng a benyang.
Ka bongata ba melato ya hao le ka bokgopo ba kgwebo ya hao o silafaditse dihalalelo tsa hao. Ke hona ke ntshitseng ho wena mollo o tla o tjhesa, mme ke tla o etsa thotobolo ya molora lefatsheng pela bohle ba o bonang.
Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;
ke tla rekisa ka bara ba lona le ka baradi ba lona ho bara ba Juda, ba rekise ka bona ho Basabea, setjhaba se hole, hobane Jehova o boletse.
Ashkelone o tla ho bona, a tshohe; le yena Gasa, mme a thothomele haholo; le yena Ekrone, hobane o tla swaba ka baka la tebello ya hae. Gasa o tla timellwa ke morena wa hae, Ashkelone ha a sa tla ahuwa.