A re ho nna: Mora motho, o emisetse mahlo a hao nqa leboya. Yaba ke emisetsa mahlo a ka nqa leboya, mme ka bona, nqa leboya ho monyako wa aletare setshwantsho seo sa poulelo se le monyako.
Sakaria 5:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lengeloi le neng le bua le nna, la boela la hlaha, la re ho nna: Emisa he mahlo a hao, mme o bone se hlahang mane hore na keng. BIBELE Yaba lengeloi le neng le bua le nna le a atamela, le re: “Tadima hodimo, o bone sena se tlang.” |
A re ho nna: Mora motho, o emisetse mahlo a hao nqa leboya. Yaba ke emisetsa mahlo a ka nqa leboya, mme ka bona, nqa leboya ho monyako wa aletare setshwantsho seo sa poulelo se le monyako.
Mme lengeloi le buang le nna la mpolella, la re: Phahamisa lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke boulela Jerusalema le Sione ka poulelo e kgolo;
Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Ana ke ang? La re ho nna: Ana ke manaka a qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.
Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe.
Mme bonang, lengeloi le buang le nna la tswa, mme lengeloi le leng la tla ho le kgahlanyetsa;
Lengeloi le buang le nna la nkaraba, la re: Na ha o tsebe hore ntho tseo keng? Ka re: Tjhe, monga ka.