Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.
Sakaria 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba lengeloi la Jehova le omela Joshua, la re: BIBELE Lengeloi la Morena la nto laya Joshua, la re: |
Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.
Hobane nkile ka omela bontata lona, mohla ke ba nyollang lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ka omela, ka re: Mamelang lentswe la ka.
A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.
Yaba Jehova o mpontsha Joshua, moprista e moholo, a eme pela lengeloi la Jehova, mme Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela.
Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka.