ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Sakaria 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova o tla rua Juda, e be kabelo ya hae naheng e kgethehileng; o sa tla ikgethela Jerusalema. BIBELE Naheng eo e halalelang Morena o tla inkela Juda, e be lefa la hae, a boele a ikgethele Jerusalema. |
ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Hamane a phetela Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, tsohle tse mo hlahetseng. Ba bohlale ba hae, le mosadi wa hae Sereshe, ba re ho yena: Erekaha Mordekai eno eo o qadileng ho wa pela hae e le wa mofuta wa Bajuda, o ke ke wa mo fenya, empa ruri o tla wa pela hae.
Mona ke nqalo ya phomolo ya ka ka ho sa feleng; ke rata ho aha teng; hobane ke ikgethetse yona.
Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona, le batho bao a ikgethetseng bona ho ba lefa la hae!
Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.
Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.
wena eo ke o nkileng kgutlelong ya lefatshe, mme ka o lata pheletsong ya lona, ka re ho wena: O mohlanka wa ka; ke o kgethile, mme ha ke a ka ka o lahla;
Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.
Leha ho le jwalo, bohle ba o jang ba tla jewa, bohle ba o patisang ba tla iswa kaofela kgolehong; ba o tlatlapang ba tla tlatlapjwa, bohle ba o senyang ke tla ba neela tshenyeho.
Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.
O boele o phahamise lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Metse ya ka e sa tla tlala menono, e be e kgaphatsehe; Jehova o sa tla tshedisa Sione, o sa tla ikgethela Jerusalema.
Jehova a re ho Satane: Jehova a ke a o kgalemele, Satane! Jehova ya ikgethetseng Jerusalema a o kgalemele! Enwa na hase lefatsa le ntshitsweng mollong?
Jehova o mo fumane a le nahathothe, feelleng le tshabehang ka bobe le ka mehoo ya tshenyeho; a mo teela hare kahohle, a mo hlokomela, a mo boloka jwaloka hoja e le thaka ya leihlo la hae.