Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.
Sakaria 12:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, ke ya fetola Jerusalema senwelo sa modikwadikwane ho ditjhaba tsohle tse kamathoko, le Juda o tla ba jwalo, ha ho ntse ho thibeletswe Jerusalema. BIBELE “Ke tla etsa hore Jerusalema e be senwelo sa veine, se etsang hore ditjhaba tsohle tse e potapotileng, di thekesele. Juda e tla etsetswa thibella, esita le yona Jerusalema. |
Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.
Tsoha, tsoha, o eme, wena Jerusalema, ya nweleng mohope wa kgalefo ya Jehova letsohong la hae; o nwele, o momonne ditshifa tsa senwelo se tahisang!
Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se letsohong la ka, o tle o se nose ditjhaba kaofela tseo ke o romelang ho tsona;
Yaba ke nka senwelo letsohong la Jehova, ka nosa ditjhaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona:
Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ba neng ba sa lokele ho nwa ba tla nwa senwelo, mme wena, o ka be o sa kgalemelwe na? O ke ke wa leswa o sa kgalemelwe, empa e ka kgona o nwe.
Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.
Babilona e ne e le senwelo sa kgauta letsohong la Jehova, se tahisang lefatshe kaofela; ditjhaba tsa nna tsa enwa veine ya hae; ka baka leo, ditjhaba di hlile tsa hlanya.
Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.
O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.
Le yena Juda o tla lwana le Jerusalema; mme ho tla bokellwa menono ya ditjhaba tsohle tse kamathoko, kgauta le silefera le diaparo ka bongata bo boholoholo.
Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.
le yena o tla nwa veine ya bohale ba Modimo e tshetsweng, e sa tswakwa, senwelong sa kgalefo ya wona, mme o tla hlokofatswa mollong le sebaboleng pontsheng ya mangeloi a halalelang le ya Konyana.
Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo; metse ya ditjhaba ya heleha, mme Modimo wa hopola Babilona e moholo ho mo nwesa senwelo sa veine ya kgalefo e tukang ya wona.
Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.