E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ya nyatsehang a fetohe setjhaba se sengata. Nna Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ya teng.
Sakaria 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta le Assiria, ke ba phuthe, ke ba tlise naheng ya Gileade le Lebanone, mme sebaka se ke ke sa ba lekana. BIBELE Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta, ke ba phuthe, ba kgutle Asiria. Ke tla ba tlisa Gileade, ke ba tlise le Lebanone, ho fihlela naha tseo di sa ba lekane. |
E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ya nyatsehang a fetohe setjhaba se sengata. Nna Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ya teng.
Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa ntlo ya morena wa Juda: Ho nna o Gileade, o hlooho ya Lebanone, empa ke tla o fetola lefeella, le metse e sa ahuwang!
Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.
Ba tla latela Jehova. Jwaloka tau, o tla puruma, e, yena o tla puruma, mme bana ba hae ba tla itlhahanela ho yena, ba etswa bophirimela.
Ba tla itlhahanela jwaloka nonyana, ba etswa Egepeta, le jwaloka leeba, ba etswa lefatsheng la Assiria; mme ke tla ba ahisa matlung a bona, ho bolela Jehova.
Ba lekgotla leo la bana ba Iseraele ba isitsweng kgolehong, ba tla rua naha ya Bakanana ho isa Sarepta; ba Jerusalema ba isitsweng kgolehong Sefarade, ba rue metse e ka nqa borwa.
Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene!
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke ya pholosa ba setjhaba sa ka lefatsheng la Botjhabela le lefatsheng la Bophirimela;
ke tla ba tlisa, ba tle ba ahe kahara Jerusalema, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona ka nnete le ka ho loka.