La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 9:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Enere ha leru le phahama, le tloha hodima tente, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; mme moo leru le neng le ema, bana ba Iseraele ba ne ba emisa teng.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha leru le ne le phahama ho tloha hodima Tente, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme moo leru le theohelang hodima Tente ya Morena ha ba le hona teng, ebe bana ba Iseraele ba hloma hona teng.

Ver Capítulo



Numere 9:17
12 Referencias Cruzadas  

Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela eo o tshwanetseng ho ya ka yona; ke tla o lemosa ke ntse ke o tadimile ka mahlo.


O tla ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o ntholle kganyeng ya hao.


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


Ha leru le ne le dula hodima tabernakele matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho fetisa kgwedi, bana ba Iseraele ba ne ba hlola teng ba emisitse, ba sa tlohe; ha le ne le phahama, ba ne ba tloha.


Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo.