Yaba o lelatsa mahlo a hae, a bona Benjamine, moenae, ngwana mmae, a re: A ke yena eo ngwanabo lona e monyenyane, eo le mpoleletseng yena? A re: Modimo o o rekolohele, mora wa ka!
Numere 6:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a o kgantshetse sefahleho sa hae, mme a o hauhele! BIBELE Morena a le bontshe sefahleho sa hae se kganyang kgotso, a le hauhele. |
Yaba o lelatsa mahlo a hae, a bona Benjamine, moenae, ngwana mmae, a re: A ke yena eo ngwanabo lona e monyenyane, eo le mpoleletseng yena? A re: Modimo o o rekolohele, mora wa ka!
hobane o mo entse ya lehlohonolo ka ho sa feleng, wa mo nyakalatsa ka sefahleho sa hao.
O kgantshetse sefahleho sa hao hodima mohlanka wa hao! O mpoloke ka baka la mehauhelo ya hao! O mpoloke ka baka la mehauhelo ya hao!
Pelong ya ka o nneile nyakallo e fetisang ya bona, mohla mabele a ba atetseng le veine.
Modimo a o ke o re hauhele, o re hlohonolofatse; o ke o re kgantshetse sefahleho sa wona, (Sela.)
Jehova, Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!
Oho Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!
O retelehele ho nna, o nkgauhele, o nee mohlanka wa hao matla a hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao.
Jehova a re: Ke tla fetisa molemo wohle wa ka pontsheng ya hao; ke bolele lebitso la Jehova pela hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang.
Mme jwale, Modimo wa rona, o mamele thapelo ya mohlanka wa hao le thapedisiso ya hae, o edise sefahleho sa hao hodima sehalalelo sa hao se senyehileng ka baka la Morena!
Jwale he, rapelang sefahleho sa Modimo, hore o re hauhele! Taba eo ha e entswe ke lona, na o tla le hlokomela na? Ho botsa Jehova wa makgotla.
lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.