Le itshetleha ka marumo a lona, le etsa manyala, e mong le e mong wa lona o silafatsa mosadi wa wa habo; ... mme le re, le tla rua lefatshe lena?
Numere 5:29 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke oo molao wa poulelo. Etlare hobane mosadi ya leng matleng a monna a kgelohe, mme a itshenye, BIBELE “ ‘Ona ke molao wa lefufa. Ha mosadi a etsa phoso, empa a ntse a le tlasa taolo ya monna wa hae, mme a itshilafatsa; |
Le itshetleha ka marumo a lona, le etsa manyala, e mong le e mong wa lona o silafatsa mosadi wa wa habo; ... mme le re, le tla rua lefatshe lena?
Ke wona molao o beilweng hodima diphoofolo le dinonyana, le tse utlwang kaofela, tse nyekenyehang metsing, le tse hahabang lefatsheng kaofela,
Ke wona molao bakeng se letheba la lepera diaparong tsa boya, kapa tsa lene, leha e le ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ho tle ho bolelwe ka wona ha ntho e hlwekile, leha e sa hlweka.
Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha mosadi wa monna a kgeloha, mme a mo sitelwa;
monna eo o tla tlisa mosadi wa hae ho moprista, a tlise le nyehelo ya hae ya boshome ba efa ya phofo ya harese. A ke ke a tshela ole ho yona, a ke ke a bea dibano teng, hobane ke nyehelo ya poulelo, nyehelo ya kgopotso, e hopotsang bokgopo.
Moprista o tla hlapantsha mosadi, a re ho yena: Ha ho se monna ya robetseng le wena, ha wena o leng matleng a monna o sa ka wa mo furalla o tle o itshenye, o ke o phonyohe metsing ana a babang, a tlisang thohako.
Empa ha mosadi a sa ka a itshenya, mme ha a hlwekile, a ke ke a hlahelwa ke letho, mme o tla nne a emole.
ha moya wa poulelo o eja monna wa hae hore a belaele ka mosadi wa hae, o tla emisa mosadi pela Jehova, mme moprista o tla mo leka ka molao oo wohle.