La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 4:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke bao ba ngodilweng ba matlo a Bakehathe bohle, ba sebetsang ka tenteng ya pokano, e leng bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe.

Ver Capítulo

BIBELE

Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Kohate, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.

Ver Capítulo



Numere 4:37
7 Referencias Cruzadas  

Ke tseo ditaelo, le dikahlolo, le melao eo Jehova a e beileng pakeng tsa hae le bana ba Iseraele, thabeng ya Sinai, ka Moshe.


Yaba Moshe o a ba ngola ka taelo ya Jehova, le kamoo a neng a laetswe kateng.


Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.


Bakehathe ba ngodilweng ka matlo a bona, ya eba dikete tse pedi tse nang le makgolo a supileng a mashome a mahlano.


Haele bara ba Gershone ba ngodilweng ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, bohle ba sebetsang tenteng ya pokano, mme ba e jara;


Ba ngolwa ke Moshe, ka taelo ya Jehova, e mong le e mong ka tshebetso ya hae, e mong le e mong ka phahlo ya hae; ba ngolwa kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.