Ha ho le jwalo, moedi o tla tloha lewatleng, ho ya Hatsar-Enone, moeding wa Damaseka; ka nqa leboya ho wona ho na le moedi wa Hamathe. Ke oo moedi ka nqa leboya.
Numere 34:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) o fete ka Sifrone, mme o felle Hatsar-Enane. Moedi wa lona e tla ba wona ka nqa leboya. BIBELE Ho tloha moo moedi o tla fetela Siferone, o yo fella Hasere-Enane. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka leboya. |
Ha ho le jwalo, moedi o tla tloha lewatleng, ho ya Hatsar-Enone, moeding wa Damaseka; ka nqa leboya ho wona ho na le moedi wa Hamathe. Ke oo moedi ka nqa leboya.
Mabitso a meloko ke ana: Ho tloha pheletsong e ka nqa leboya ho isa pela tsela ya Hethlone, ho ya nqa Hamathe, le ho tloha Hatsare-Enone, moeding wa Damaseka ka nqa leboya ho ya fihla pela Hamathe, le ho nka botjhabela ho leba bophirimela, ke naha ya Dane.
Le tla itshehela moedi wa lona ka nqa botjhabela, ka ho tloha Hatsar-Enane ho isa Shefame;