Ebile Faro-Neko o mo tlama ka mahlaahlela, Ribla, naheng ya Hamathe, hore a se ke a hlola a busa Jerusalema; a ntshisa lefatshe lekgetho la lekgolo la ditalenta tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.
Numere 34:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela, BIBELE Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete. |
Ebile Faro-Neko o mo tlama ka mahlaahlela, Ribla, naheng ya Hamathe, hore a se ke a hlola a busa Jerusalema; a ntshisa lefatshe lekgetho la lekgolo la ditalenta tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.
Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, le baholo bohle ba Juda a ba bolaela Ribla.
Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe, mme a mo ahlola teng.
Le tla itshehela moedi wa lona ka nqa botjhabela, ka ho tloha Hatsar-Enane ho isa Shefame;
mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare.
Ka tsatsi le leng, bongata bo ne bo mo hatella ho utlwa lentswe la Modimo; o ne a eme lebopong la letsha la Genesarethe.
Ka ba nea le lehwatata, leo moedi wa lona e leng Jordane, ho tloha Kinnerethe ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, katlasa Pisga, nqa botjhabatsatsi.
le ho marena a ka nqa leboya dithabeng, le mahwatateng ka nqa borwa ho Kinnerethe, le dikgutlong, le maralleng a Dore ka nqa bophirimatsatsi,
O ne a buse le lehwatata ho isa letsheng la Kinnerethe, ka nqa botjhabatsatsi, le ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, nqa botjhabela, tseleng e yang Bethe-Jeshimothe, le nqa borwa, ho isa tlasa matswapo a Pisga.
Lehwatateng ke Bethe-Arame, le Bethe-Nimra, le Sukkothe, le Tsafone, e leng ho setseng ha mmuso wa Sihone, morena wa Heshbone; Jordane ke moedi wa teng, ho isa phellong ya letsha la Kinnerethe, mose wane wa Jordane, nqa botjhabela.