ha bohle ba lona ba hlometseng ba tshela Jordane pela Jehova, ho fihlela ha a tlositse dira tsa hae pela sefahleho sa hae;
Numere 32:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a re ho bona: Ha le etsa hoo, ha le hlomella ntwa pela Jehova, BIBELE Moshe a re ho bona: “Haeba le ka etsa jwalokaha le bolela, la hlomella ntwa moo Morena a ntseng a bona, |
ha bohle ba lona ba hlometseng ba tshela Jordane pela Jehova, ho fihlela ha a tlositse dira tsa hae pela sefahleho sa hae;
Hape, Joshua a bolella Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, a re:
Ebile bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba ikgutlela, ba siya bana ba Iseraele Silo, fatsheng la Kanana, ba ya naheng ya Gileade, e leng naha ya lefa la bona, eo ba neng ba e ruile, jwalokaha ho ne ho boletse Jehova ka Moshe.