La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 3:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.

Ver Capítulo

BIBELE

Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.

Ver Capítulo



Numere 3:31
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Betsaleele o etsa areka ya sefate sa leoka; bolelele ba yona ya eba ditswe tse pedi tse nang le halofo, bophara ba yona ya eba setswe se nang le halofo, bophahamo ba yona ya eba setswe se nang le halofo.


Yaba o bea morifi pakeng tsa tente ya pokano le aletare, a o tshela metsi hore ho tle ho itlhatsuwe teng.


Morena wa ntlo ya bontata matlo a Bakehathe e ne e le Elitsafane, mora wa Usiele.


Morena wa marena a Balevi e ne e le Eleasare, mora Aarone, moprista. Eo o ne a hlahloba ba baballang dintho tsa sehalalelo.


Lebone le lona ha le hoteletswe ho kenngwa katlasa morula, empa e le ho hlongwa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung.


Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.