Numere 28:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, e tla ba Paseka ya Jehova. BIBELE “ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele ke Paseka ya Morena. |
Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, mantsiboya, le tla ja bohobe bo se nang ditomoso, ho fihlela letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi, mantsiboya.
O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.
O ke o boloke mokete wa mahobe a se nang ditomoso: ka matsatsi a supileng o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse, nakong e beilweng ya kgwedi ya Abibe: hobane ke ka kgwedi ya Abibe o tswileng Egepeta.
Ka letsatsi le qalang mokete wa mahobe a se nang ditomoso, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re ho yena: O rata ha re o lokisetsa kae Paseka, moo o ka e jelang teng?
Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.