Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.
Numere 27:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa. BIBELE ya tla se etella pele, ya tla tswa le sona, ya tla kgutla le sona, e le hore setjhaba sa Morena se se ke sa ba jwaloka dinku tse hlokang modisa.” |
Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.
Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.
Jwale, Jehova, Modimo wa ka, o beile mohlanka wa hao morena, tulong tsa ntate Davida; athe nna ke mohlankanyana feela, ha ke tsebe le ho itsamaisa.
Le tla teela morena hare, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae ka letsoho la hae, mme ya kenang diemeng a bolawe. Le latelle morena, leha a etswa, leha a kena.
Jwale ako nnee bohlale le kelello, ke tle ke tsebe ho tswa le ho boya pontsheng ya setjhaba sena; hobane ana ke mang ya ka ahlolelang tjhaba sena sa hao se sekakale?
Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, jwaloka dinku tse se nang modisa; Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a ipoelle hae ka kgotso!
Ka ho hloka modisa, di ile tsa qhalana; ya eba dijo tsa dibatana tsohle tsa naha, tsa hasana.
Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.
Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.
A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.
Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.
Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.
Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo.
a re ho bona: Kajeno, ke na le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; ha ke sa na ho tswa le ho kena; hape, Jehova o mpoleletse, a re: O ke ke wa tshela Jordane.
Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.
Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.
re tle re tshwane le ditjhaba tse ding, morena wa rona a tle a re ahlolele, a re etelle pele, a laole dintwa tsa rona.