Numere 26:65 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Jehova o ne a itse: Ba tla shwela feelleng; mme ho ke ke ha sala leha a le mong, haese Kalebe, mora Jefunne, le Joshua, mora Nune. BIBELE Morena o ne a ile a bolela hore ba tla shwela lehwatateng, mme ho se ke ha sala le ya mong, haese Kalebe, mora wa Jefune, le Joshua, mora wa Nune. |
Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.
Nna, Jehova, ke buile; ke tla fela ke etse jwalo phutheho ena yohle e mpe, e mpokanetseng ho ntwantsha; ba tla fella lefeelleng lena; ba tla hle ba timelle teng.
Ho banna ba neng ba ile ho hlwela naha, ha phela Joshua, mora Nune, le Kalebe, mora Jefunne feela.
Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.
Ka baka leo, o lemohe mohau wa Modimo le bothata jwa wona; bothata hodima ba weleng, le mohau hodima hao, ha o tiisetsa molemong oo wa wona; hobane ha o sa tiisetse teng, o tla rengwa le wena.
haese Kalebe, mora Jefunne. Yena o tla le bona, mme ke tla nea yena le bara ba hae lefatshe leo a le hatileng ka maoto, hobane o tiiseditse ho latela Jehova kahohle.
Taba ke ena eo Joshua a ba boloditseng ka baka la yona: Batho kaofela ba neng ba tswile Egepeta, ba batona, banna ba ntwa kaofela, ba ne ba timetse tseleng hara nahathothe, ha ba se ba tswile Egepeta.
Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.