Le tla le laola ka lotho ho iketsetsa dikoto tseo e tla ba mafa a lona, le a baditjhaba ba ahileng hara lona, e leng baditjhaba ba tswetseng bana ha eno; ho lona ba tla ba jwaloka batala baneng ba Iseraele; ba tla laolelwa lefa la bona hara meloko ya Iseraele ka lotho hammoho le lona.
Ke bana Balevi ba kileng ba balwa ka matlo a bona: ka Gershone ho hlahile ntlo ya Bagershone; ka Kehathe ntlo ya Bakehathe; ka Merari ntlo ya Bamerari.