Numere 26:55 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa lefatshe le tla arolwa ka lotho; ba tla le newa ka mabitso a meloko ya bontata bona. BIBELE Feela ba arolelwe naha ena ka lotho. Ba tla arolelwa naha ena ho ya ka mabitso a merabe ya bo-ntata bona. |
Le tla le laola ka lotho ho iketsetsa dikoto tseo e tla ba mafa a lona, le a baditjhaba ba ahileng hara lona, e leng baditjhaba ba tswetseng bana ha eno; ho lona ba tla ba jwaloka batala baneng ba Iseraele; ba tla laolelwa lefa la bona hara meloko ya Iseraele ka lotho hammoho le lona.
Le tla arolelana naha ka lotho, ka palo ya matlo a lona: ba leng bangata, le tla ba nea karolo e kgolo, mme ba seng bakae le tla ba nea karolo e nyenyane. E mong le e mong o tla rua seo a se abetsweng ke lotho, mme le tla se amohela, e be lefa la lona ka meloko ya bontata lona.
Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko.
Tsa re: Jehova o laetse monghadi wa ka ho arolela bana ba Iseraele naha ka lotho, e be lefa la bona. Hape, monghadi wa ka o laetswe ke Jehova ho nea lefa la ngwanabo rona, Tselofkade, ho baradi ba hae.
Jwale ba laola ka lotho; lotho ya ntsha Mathiase, a ba a kenngwa palong ya baapostola ba leshome le motso o mong.
le ntse le leboha Ntate ya re entseng ba loketsweng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi leseding;
Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.
lefa leo la meloko e robileng monwana o le mong le la mothapo o mong wa leloko le leng, la laolwa ka lotho, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.
Ebile bana ba Josefa ba bolella Joshua, ba re: O re neile keng karolo e le nngwe le seabo se le seng feela, ho ba lefa la rona na, athe re batho ba bangata, mme Jehova o re hlohonolofaditse ho fihlela jwale?
Lona, lekanyang karolo tse supileng tsa naha, le ntoo tlisa ditaba mona ho nna, ke tle ke le laolele mona pela Jehova, Modimo wa rona.
Karolo ya bobedi ya laolelwa Simeone, ke ho rea, leloko la bana ba Simeone ka matlo a bona; lefa la bona la eba hara lefa la bana ba Juda.
Karolo ya botshelela ya laolelwa bana ba Nefthali, ke ho re, bana ba Nefthali ka matlo a bona.