La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 26:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Bara ba Manasse ke bona bana: ka Makire ho hlahile ntlo ya Bamakire. Makire a tswala Gileade. Ka Gileade ho hlahile ntlo ya Bagileade.

Ver Capítulo

BIBELE

Bara ba Manase ke Makiri, ya tswetseng morabe wa Makiri. Makiri ke yena ya tswetseng Gileade; ha Gileade e le yena ya tswetseng morabe wa Gileade.

Ver Capítulo



Numere 26:29
9 Referencias Cruzadas  

Empa Iseraele a nanabetsa letsoho le letona, a le bea hloohong ya Efraime, kanthe e le e monyenyene, mme letsoho la hae le letshehadi a le bea hloohong ya Manasse, a fapanya matsoho ka boomo, kanthe Manasse e ne e le e moholo.


Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.


Hamorao, Hetsrone a kena ho moradi wa Makire, ntata Gileade, a mo nyala a le dilemo tse mashome a tsheletseng; eo a mo tswalla Segube.


Dihlooho tsa ntlo ya bara ba Gileade, mora Makire, mora Manasse, hara matlo a bara ba Josefa, tsa atamela, mme tsa bua pela Moshe le pela marena ao e leng dihlooho tsa matlo a bana ba Iseraele.


Makire yena ka mo nea Gileade.


Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale.


Ba bang ba eba Baefraime ba medileng metso thabeng ya Amaleke; kamora hao ho ne ho tsamaya Benjamine hara batho ba hao; ha theoha le batsamaisi ba Makire, le ba Sabulone ba tshwereng lere la balaodi.