Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.
Numere 26:28 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Josefa, ka matlo a bona, ke boManasse le Efraime. BIBELE Bara ba Josefa, ho ya ka malapa abo bona, ke Manase le Efraime. |
Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.
Mme jwale, bara ba hao ba babedi bao o ba tswaletsweng naheng ya Egepeta, ke eso ho tle ho wena naheng ya Egepeta, e tla ba ba ka; Efraime le Manasse e tla ba ba ka jwaloka Rubene le Simeone.
Le bona bana ba mothapo o mong wa Manasse ba aha naheng eo; ba aha ba tletse ho tloha Bashane ho ya Baale-Hermone, le Senire, le thabeng ya Hermone.
Bara ba Manasse, ke Asriele eo mosadi wa hae a mo tswaletseng yena; serethe sa hae sa Mosiria se mo tswalla Makire, ntata Gileade;
Ho bara ba Manasse, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
le ka tse molemo tsa lefatshe, le ka ho tlala ha lona; mme mohau wa ya hlahileng sehlahleng o tle o dule hloohong ya Josefa, hloohong ya eo e leng morena hara banababo.
etswe bana ba Josefa ba ne ba balwa e le meloko e mmedi, la Manasse le la Efraime; ha ba ka ba nea Balevi kabelo lefatsheng leo, haese metse ya ho aha teng, le meraka ya dikgomo tsa bona, le ya dintho tsa bona.