Numere 23:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo o ne o mo ntshe Egepeta; o na le matla a kang a nare. BIBELE Modimo ya ba ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare. |
Modimo, o a tshabeha o le sehalalelong sa hao! Ke Modimo wa Iseraele o neang setjhaba sa wona matla le borena. Modimo a o rokwe!
Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.
Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.
Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke tlotlehile ka Faro, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.
Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.
Dinare le dipoho le dipholo di tla wa le tsona; lefatshe la tsona le tla nosetswa ke madi, naha ya tsona e nontshwe ke mafura.
Yaba o romela manqosa ho ya bitsa Baalame, mora Beore, ya neng a ahile Pethore e pela noka, naheng ya bara ba setjhaba sa hae, mme a re ho yena: Bona, setjhaba se tswile Egepeta; se apesitse lefatshe, mme se ahile mabapa le nna.
Modimo o mo ntshitse Egepeta; o na le matla a kang a nare. O qeta ditjhaba tse mo lwantshang; o robaka masapo a tsona, a di imele ka metsu ya hae.
Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.
Hobane re utlwile kamoo Jehova a omisitseng metsi a Lewatle le Lefubedu pela lona kateng, mohla le tswang Egepeta, le kamoo le entseng ho marena a mabedi a Baamore kateng, ba mose wane wa Jordane, e leng Sihone le Oge, bao le ba timeditseng.