Yaba o re ho bona: Hlolang mona bosiu, mme ke tla le nea karabo ka tseo Jehova a tlang ho mpolella tsona. Mme marena a Moabe a hlola ha Balaame.
Numere 23:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Balaame o re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme nna ke tla ya kgahlanyetsa Modimo mane. BIBELE Bileame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso. Ke tla kopana le Morena mose mane.” |
Yaba o re ho bona: Hlolang mona bosiu, mme ke tla le nea karabo ka tseo Jehova a tlang ho mpolella tsona. Mme marena a Moabe a hlola ha Balaame.
A mo isa tshimong ya Tsofime, qhoweng ya Pisga; teng a haha dialetare tse supileng, a hlaba poho le pheleu aletareng e ngwe le e nngwe.
Jehova a tla ho Balaame, a kenya mantswe molomong wa hae, a re ho yena: Boela ho Balake, o mmolelle hore hoitseng.
Balaame a re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme ke tla ya thokonyana; mohlomong Jehova a ka tshoha a nkgahlanyetsa, mme ke tla o bolella seo a tla ntshenolela sona. Mme a ya phenyoleng.
Ka mpa ka hana ho utlwa Balaame; yaba o a le hlohonolofatsa; ka le namolela jwalo matsohong a hae.