Numere 22:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lengeloi la Jehova la re ho yena: Ke ka baka lang ha o se o otlile esele ya hao hararo na? Bona, ke tlile ho o lwantsha, hobane ho nna tsela ya hao ke e isang tahlehong. BIBELE Lengeloi la Morena la re ho yena: “Ke hobaneng ha o shapile tonki ya hao ka makgetlo a mararo? Bona mona, ke tlile ho tla o thibela, hobane, tsela ya hao e isa timelong. |
Ho loka ha hao ho ka ka dithaba tsa Modimo, dikahlolo tsa hao di tebile jwaloka lewatle. Jehova o baballa batho le diphoofolo.
Ya tsamayang ka bokgabane o tshaba Jehova; empa ya kgopamisang ditsela tsa hae, o a mo nyedisa.
Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe.
Mofumanehi ya tsamayang ka bokgabane ba hae o fetisa ya ditsela tse kgopo, leha a ruile.
Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata!
Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.
Modimo wa tla ho Balaame bosiu, wa re ho yena: Erekaha banna bana ba tlile ho o bitsa, tloha o ye le bona; leha ho le jwalo, o tla etsa seo ke tla o bolella sona.
Empa bohale ba Modimo ba tuka kahobane a ile; lengeloi la Jehova la tla ema tseleng, ho mo lwantsha. Balaame o ne a kaletse esele ya hae, mme bahlanka ba hae ba babedi ba ne ba ena le yena.
Yaba Jehova o ahlamisa molomo wa esele, mme esele ya re ho Balaame: Na ke entseng, haele mona o se o nkotlile hararo na?
Esele e mpone, mme e se e kile ya kgeloha hararo pela ka. Hoja e sa ka ya kgeloha pela ka, nka ba ke o bolaile, mme nka be ke e tlohetse e phele.
Lengeloi la Jehova la re ho Balaame: Eya le batho bao; empa o se ke wa bua ho hong, haese lentswe leo ke tla o bolella lona. Mme Balaame a ya le matona a Balake.
a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?
kahobane ha ba ka ba tla le kgahlanyetsa tseleng ka bohobe le ka metsi, mohla le tswang Egepeta; le kahobane ba ne ba putse Balaame, mora Peore, wa Pethore naheng ya Mesopotamia, hore a o rohake.