Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.
Numere 22:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa lengeloi la Jehova la ema mmileng o pakeng tsa masimo a merara; lerako le ne le le teng ka nqa tse pedi. BIBELE Lengeloi la Morena la ema ka tseleng e tshesanyane, e pakeng tsa dirapa tsa morara. Lerako le ne le le teng ka nqena le ka nqane. |
Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.
Esele ya bona lengeloi la Jehova, ya ikgohla ka lerako, ya patisa leoto la Balaame ka lerako; mme Balaame a boela a e otla.