Numere 22:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa bohale ba Modimo ba tuka kahobane a ile; lengeloi la Jehova la tla ema tseleng, ho mo lwantsha. Balaame o ne a kaletse esele ya hae, mme bahlanka ba hae ba babedi ba ne ba ena le yena. BIBELE Kgalefo ya Morena ya tlokoma, hobane Bileame a ile a tsamaya. Lengeloi la Morena la mo thibela tseleng, a ntse a palame tonki ya hae, a ena le bahlanka ba hae ba babedi. |
Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.
Mme ha ba le tseleng, moo ba robalang teng, Jehova a kgahlana le Moshe, a batla ho mmolaya.
O futse ka seqha sa hae jwaloka sera, a ema a otlolotse letsoho le letona jwaloka mohlabani, a bolaya tsohle tse lakatsehang ha di bonwa; tenteng ya moradi wa Sione, o tsholotse kgalefo ya hae jwaloka mollo.
Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Jisreele, hobane ho se ho se hokae, ke tla otla ntlo ya Jehu, ka baka la madi a tsholotsweng Jisreele, ke be ke fedise mmuso wa ntlo ya Iseraele;
Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.
Lengeloi la Jehova la re ho yena: Ke ka baka lang ha o se o otlile esele ya hao hararo na? Bona, ke tlile ho o lwantsha, hobane ho nna tsela ya hao ke e isang tahlehong.
Lengeloi la Jehova la re ho Balaame: Eya le batho bao; empa o se ke wa bua ho hong, haese lentswe leo ke tla o bolella lona. Mme Balaame a ya le matona a Balake.