Monna wa Modimo a re ho morena: Leha o ka nkarolela ntlo ya hao ka lehare, nke ke ka ya le wena, leha e le ho ja bohobe le ho nwa metsi bakeng sena.
Numere 22:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balaame a araba, a re ho bahlanka ba Balake: Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka etsa letho leha le le leng, le lenyenyane leha e le le leholo, le tlolang taelo ya Jehova, Modimo wa ka. BIBELE Bileame a arabela bahlanka ba Balake, a re: “Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena Modimo wa ka, ka ho etsa ntho e kgolo kapa e nyenyane. |
Monna wa Modimo a re ho morena: Leha o ka nkarolela ntlo ya hao ka lehare, nke ke ka ya le wena, leha e le ho ja bohobe le ho nwa metsi bakeng sena.
Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.
Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Modimo wa ka o tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.
Yaba Daniele o araba pela morena, a re: Boloka dineo tsa hao, o nee e mong dimpho tsa hao! Leha ho le jwalo, ke tla balla morena lengolo leno, ke mo qaqisetse kwahollo ya lona.
Mme jwale, ke a le rapela, a le ke le hlole mona bosiu, hore ke tle ke tsebe seo Jehova a tla boela a mpolelle sona.
Balaame a re ho Balake: Bona, ke tlile ho wena; empa na ke na le matla a ho bolela taba na? Ke tla bolela mantswe ao Modimo o tla a bea molomong wa ka.
Yaba o re ho bona: Hlolang mona bosiu, mme ke tla le nea karabo ka tseo Jehova a tlang ho mpolella tsona. Mme marena a Moabe a hlola ha Balaame.
Na hase seo ke o boleletseng sona, ka re: Ke tla etsa tsohle tseo Jehova a tla mpolella tsona na?
Balaame a fetola Balake, a re: Ha ke re, ke ne ke bolelle manqosa ao o a romileng ho nna, ka re:
Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nka sitwa ho tlola taelo ya Jehova ka ho etsa botle leha e le bobe ke iqalla; seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se phetha.
Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.
Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.
Ka mpa ka hana ho utlwa Balaame; yaba o a le hlohonolofatsa; ka le namolela jwalo matsohong a hae.