Numere 21:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale Moshe a romela ho ya hlwela Jaesere, mme ba kena metse ya teng, ba lelekisa Baamore ba neng ba ahile ho yona. BIBELE Moshe a romela dihlwela Jasere. Baiseraele ba hapa Jasere le metse e mathokong a yona, ba leleka Baamore ba neng ba ahile moo. |
Ba ya, ba tshela Jordane, ba emisa Aroere, ho le letona ho motse o hara kgohlo ya Gade, nqa Jaesere.
Ke o llela ho fetisa Jaesere, wena tshimo ya morara wa Sibma, wena eo makala a merara ya hao a neng a tshela mawatle ho ya fihla lewatleng la Jaesere. Mosenyi o wela ditholwaneng tsa hao le kotulong ya hao ya merara.
Bara ba Rubene le bara ba Gade ba ne ba ruile mehlape e mengatangata; ba bona hoba naha ya Jaesere le ya Gileade di tshwanela mehlape.
Naha ya bona e ne e le Jaesere, le metse yohle ya Gileade, le sekoto sa naha ya bana ba Ammone, ho isa Aroere, o maloka le Rabba;
Ka ba ka romela le bobi pela lona, ba leleka marena a mabedi a Baamore pela lona; ha ho a ka ha eba ka lerumo la hao, leha e le ka seqha sa hao.