mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.
Numere 20:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Nka Aarone le mora hae Eleasare, mme o ba nyolosetse thabeng ya Hore. BIBELE Nka Arone le mora wa hae Eleasare, o ba nyollele thabeng ya Hore. |
mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.
Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae: Le se ke la rola hloohong tsa lona, le se ke la hahola diaparo tsa lona, hore le tle le se ke la shwa, mme Jehova a tle a se ke a halefela phutheho kaofela; lesang banababo lona, ba ntlo ya Iseraele kaofela, ba lle hodima tjheso e kgolo e tukisitsweng ke Jehova.
Empa Nadabe le Abihu ba eshwa pela sefahleho sa Jehova, lefeelleng la Sinai, mohla ba hlahisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova; ba ne ba se na bara; ke ka baka leo boEleasare le Ithamare ba kileng ba tshwara boprista pela Aarone, ntata bona.
[Yaba bana ba Iseraele ba tloha Beerothe-Bene-Jaakane, ba ya Mosera; ke moo Aarone a shwetseng teng, a ba a patwa teng; mme Eleasare, mora wa hae, ya eba yena moprista tulong tsa hae.