Letshwele le kopakaneng la ya le bona, le mehlape ya manku le ya makgomo a mangata haholo.
Numere 20:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Iseraele ba re ho yena: Re tla nyoloha ka mmila o phatlaletseng; ha nna le mehlape ya ka re ka nwa metsi a hao, ke tla a lefa; ha ho ho hong, haese hore ke fete ka maoto a ka. BIBELE Bana ba Iseraele ba re ho yena: “Re tla itsamaela feela mmileng o moholo. Haeba re ka nwa metsi a hao, rona le diphoofolo tsa rona, re tla a lefa. Re ikopela ho feta ka tsela feela.” |
Letshwele le kopakaneng la ya le bona, le mehlape ya manku le ya makgomo a mangata haholo.
Ke tla reka ho wena ka tjhelete dijo tseo ke tla di ja, mme o nnee ka tjhelete metsi ao ke tla a nwa; ke rata ho feta feela ka maoto a ka.
Le tla reka ho bona ka tjhelete dijo tseo le tla di ja; le tla ba lefa ka tjhelete bakeng sa metsi ao le tla a nwa.
Haele dikgomo, tsona tsa loka tsela ya Bethe-Shemeshe, tsa nna tsa ya ka mmila o le mong, di ntse di lla, di sa kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi, marena a Bafilesta a di setse morao, ho ya fihla moeding wa Bethe-Shemeshe.