Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)
Numere 20:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba hanyeditseng Jehova; ke hona moo a ikgalaleditseng ka ho bona. BIBELE Ana ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba ileng ba lwantsha Morena, mme Morena a iponahatsa hore o a halalela. |
Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)
Kajeno, ha le utlwa lentswe la hae, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla Meriba, le mehleng ya Massa, feelleng,
A rea nqalo eo lebitso la Massa le Meriba (teko le tseko) ka baka la tseko ya bana ba Iseraele, le kahobane ba ne ba lekile Jehova, ba re: Hleka Jehova o teng hara rona, kapa ha a yo na?
Mme Jehova wa makgotla o tla ikgodisa ka dikahlolo, Modimo o halalelang o ikgalaletse ka ho loka.
Ke tla kgahlwa ke lona jwaloka hoja le le dibano tse monko o monate, ha ke se ke le ntshitse ditjhabeng, mme ke tla le phutha dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, ke tle ke kgethehe ka lona pela ditjhaba;
Le hona ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, le sentsweng hara ditjhaba tseo le le sentseng hara tsona, hore ditjhaba di tle di tsebe hoba ke nna Jehova, mohla nna, ke leng Morena Jehova, ke ikgalaletsang ka lona pela mahlo a tsona.
o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.
kahobane le ntshitetswe hara bana ba Iseraele, metsing a Meriba a Kadeshe, nahathotheng ya Tsine, kamoo le sa kang la ntlotlisa kateng, hara bana ba Iseraele.
Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;