Numere 19:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tsohle tse amileng ya sa hlwekang di tla silafala, mme motho ya mo amileng, etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya. BIBELE Tsohle tseo motho enwa ya sesila a di amang, di tla ba sesila; le ya di amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.” |
E mong le e mong ya tlang ho ama ntho efe le efe e neng e le tlasa hae, o tla ba sesila ho isa mantsiboya; ya ileng a e jara e ka kgona a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme a be sesila ho isa mantsiboya.
Motho eo monna eo a mo amang, a sa ka a hlapa matsoho pele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme a be sesila ho isa mantsiboya.
E mong le e mong ya tlang ho ama phate tsa hae, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.
E mong le e mong ya tlang ho ama ntho eo a neng a dutse hodima yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.
Ya tlang ho ama ntho e beilweng hodima diphate tsa hae, leha e le hodima seo a neng a dutse hodima sona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.
E mong le e mong ya di amang, o tla itshela sesila, mme o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.
E mong le e mong ya amang diphate tsa hae, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; a be sesila ho isa mantsiboya.
Ya ka dulang moo monna eo a neng a dutse teng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; a be sesila ho isa mantsiboya.
Ya amang mmele wa monna eo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme a be sesila ho isa mantsiboya.
Ekare ha ya dutlang a ka tshwela e mong ya hlwekileng ka mathe, eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme o tla ba sesila ho isa mantsiboya.
Kapa ha e mong a amile sehahabi, mme a le sesila kahoo, kapa ha a amile motho ya nang le sesila sefe le sefe,
ya amileng ntho tseo, o tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme a ke ke a ja dintho tse kgethehileng, empa o tla hlatswa mmele wa hae metsing.
Leha motho a amile, a sa tsebe, ntho e sa hlwekang, jwaloka setopo sa phoofolo e sa hlwekang, e le setopo sa phoofolo ya naha kapa sa e ruilweng, kapa setopo sa sehahabi, o itshilafaditse, o molato.
Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato.
Nama e amilweng ke ntho e sa hlwekang, ha e na ho jewa; empa e tla tjheswa ka mollo. Haele nama e jewang, motho e mong le e mong ya hlwekileng a ka e ja.
Motho ya amileng ntho efe le efe e sa hlwekang, kapa sesila sa motho, kapa phoofolo e sa hlwekang, leha e le ntho e nngwe le e nngwe e manyala, e ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sefe le sefe sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.
Yaba Haggai o re: Ha motho ya silafatseng ka baka la mofu a ama e nngwe ho ntho tseo, na e tla silafala na? Baprista ba araba, ba re. E tla silafala.
Moprista o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlatswa mmele wa hae metsing, a ntoo boela diahelong; empa e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.