Ntho efe le efe eo ditopo tsa tsona di wetseng hodima yona, e tla ba sesila, leha e ka ba ntho efe le efe ya lehong, leha e le seaparo, kapa letlalo, kapa mokotla, kapa ntho efe le efe eo ho sebetswang eng le eng ka yona; e tla inwa metsing, mme e tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme kamora moo, e tla ba e hlwekile.
Pitsa efe le efe ya letsopa eo ho welang ho hong ha tsona ho yona, e tla ba sesila, le tsohle tse ka teng di tla ba sesila le tsona, mme le tla thuha pitsa eo.
Moprista ha a eso ho kene ho tadimisisa letheba leo, o tla laela hore ntlo eo e phahlwe, hore se ka tlung se se ke sa tshwaetswa ke sesila; jwale moprista o tla kena ho tadimisisa ntlo eo.
Ke ona molao wa mohla motho a shwang tenteng e nngwe: Mang le mang ya tla kena tenteng eo, le e mong le e mong ya tla ba tenteng, e tla ba ba sa hlwekang ka matsatsi a supileng.
E mong le e mong ya tla ama motho ya bolailweng naheng ka lerumo, kapa setopo, kapa masapo a batho, kapa lebitla, etlaba ha a hlweka ho fihlela matsatsi a supileng.