Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.
Numere 18:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balevi ba tla etsa tshebetso ya tente ya pokano, mme ba tla jara bokgopo ba bona. Ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele; hoo e tla ba molao o sa feleng hara ditloholo tsa bona. BIBELE Empa Balevi ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena, mme ba tla jara makgopo a bona. Ena e tla ba taelo ya mehla yohle melokong ya lona. Ha e le kahara bana ba Iseraele teng, ba ke ke ba eba le lefa. |
Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.
Haele Balevi ba mphuruletseng mohla Baiseraele ba kgelohang, ba nkgelohang ho ya latela ditshwantsho tsa bona, ba tla jara bokgopo ba bona.
Jehova a re ho Aarone: Wena le bara ba hao, le ba ntlo ya ntatao, le tla jara melato e etswang dinthong tse halalelang; wena le bara ba hao, le tla jara melato e etswang tshebetsong ya boprista ba lona.
Jehova a re ho Aarone: O ke ke wa rua letho la naha ya bona, mme o ke ke wa ba le lefa hara Baiseraele; ke nna ke leng lefa la hao, le leruo la hao hara bana ba Iseraele.
Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bona: ya fokileng ka metsi a hlatsuo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amileng metsi a hlatsuo, etlaba ha a hlweka ho fihlela mantsiboya.
Ba badilweng ba bona, e leng ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba ka pele ho moo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Ha ba ka ba balwa palong ya bana ba Iseraele, kahobane ha ba ka ba newa lefa hara bana ba Iseraele.
Hoo e tla ba ho lona le ho ditloholo tsa lona taelo e le tlamang hohle moo le tlang ho aha teng.
Ke ka baka leo Levi a se nang karolo, leha e le lefa, le banababo; Jehova ke yena e leng lefa la hae, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a mmoleletse.]
Haele leloko la Balevi ha a ka a le nea lefa; mahlabelo a beelwang Jehova, Modimo wa Iseraele, ke wona e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.