Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.
Ba boloke melao ya ka, e se be ba jara boima ba sebe sa bona, mme ba se ka ba eshwa, kahobane ba hlomphollotse dintho tse kgethehileng. Ke nna Jehova ya ba halaletsang.
Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.
Ba neng ba hloma ka nqa kapele ho tabernakele, ka nqa botjhabela, pela tente ya pokano, ka nqa botjhabatsatsi, e ne e le Moshe, le Aarone, ka bara ba hae, e leng bona ba baballelang bana ba Iseraele dintho tsa sehalalelo; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.