Jehova a romela lefu le leng la sewa Iseraeleng, mme ha eshwa batho ba dikete tse mashome a supileng ba Iseraele.
Numere 16:49 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba neng ba shwe ke lefu leo, e bile batho ba dikete tse leshome le metso e mene tse makgolo a supileng, kantle ho ba neng ba shwele ka taba ya Kore. BIBELE Ba ileng ba eshwa ke sewa sena ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mene le makgolo a supileng, ho sa balwe ba shweleng ka taba ya Kora. |
Jehova a romela lefu le leng la sewa Iseraeleng, mme ha eshwa batho ba dikete tse mashome a supileng ba Iseraele.
banna bao ba neng ba nyatsitse naha, ba eshwa pela sefahleho sa Jehova ka lefu la sewa.
Aarone a ntoo kgutlela ho Moshe monyako wa tente ya pokano, mme lefu le ne le kgaoditse.
Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.
Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?